Muvhango o fihla pheletsong

Papadi ya thelevisheni ya Muvhango e fihla pheletsong ka mora ho dilemo tse feta 25 e bapala mahlong a ma’Afrika Boroa.

Papadi ena, e ne e bontsha maphelo a merabe e fapaneng ka hare ho Afrika Boroa, haholoholo bophelo ba VhaVenda.

Pale ena e neng e itshetlehile ka borena ba Venda, dikgwebo tsa bona le bophelo ba Gauteng maboneng.

Papadi ena e file dibapadi tse ngata monyetla tse kang, Sindi Dlathu, Mara Louw, Palo Mokoailane, le ba bang ba bangata.

Se seng sa dibapadi tse holetseng ka hara papadi ena ke Gabriel Temudzani ya bapetseng karolo ya Azwindini Mukwevho.

Puisanong le TimeLive, Temudzani o hlalositse ha a dumela Muvhango e le mokgatlo o tlanne o hole ka hare ho batho.

“Muvhango e ne e le mokgatlo o moholo o fileng morabe wa VhaVenda monyetla wa ho ipabola,” ho realo Temudzani.

Temudzani o re ho fela ha Muvhango ke ntho e bohloko morabeng wa VhaVenda.

“Muvhango o file batho ba mahayeng monyetla wa ho hlaya TV’ng le ho bapatsa setso sa bona.”

“Ke tahlehelo e kgolo mme ho ho batho haholoholo VhaVenda ho emela seo ba dumelang ho sona le ho se buwelella.”

Mohlahisi wa papadi ena, Duma ka Ndlovu, o hlalositse papadi ena e le e neng e bapatsa le ho fana ka menyetla puong e neng e tlodiswa mahlo.

 

Translator: Kabelo Lehasa

BALA HAPE: Emtee o ntsha maikutlo tabeng ya Mshini