Sebapadi sa mehleng sa Big Brother se keteka letsatsi la tswalo

Sebapadi sa mehleng e bile e le mohlodi wa Big Brother Mzansi Sweet Guluva. O keteka letsatsi la hao la tswalo.

Akhonamathemba Mbele ya tsebahalang ka lebitso la Sweet Guluva o ketikile letsatsi la hae la tswalo jwalo ka ha a ne a etsa dilemo tse 24.

Sebapadi sena se ikgethileng ka moaparo le tsela eo se buang ka yona, se fumane melaetsa ya takaletso tsa mahlononolo ka letsatsi la hae hotswa ho batshehetsi ba hae.

Guluva, le yena o ngotse molaetsa o molelele o amang maikutlo ka leeto la bophelo ba hae.

“Letsatsi la kajeno hase letsatsi fela, ke sehopotso sa moo motho o qadileng teng mme ke itebohela ka tsohle,” ho realo Guluva.

“Go bua nnete ke itseboofela ka tsohle, bophelo, lerato le thuto tse fapaneng tse nfetotsdng monna kaejno.”

Batshehetsi ba Guluva, ba rometse sebapadi sena melaetso ya ditakaletso tsa mahlononolo.

 

BALA HAPE:Kaylow o ntse a hlaphohelwa hantle