
Prince Kaybee o fana ka tetla dibineng tsa hae
Seletsi e bile e le mohlahisi wa mmino Prince Kaybee, o fana ka tetla hore dipina tsa hae tsa kgale dika tswakwa (remix) ho etsa morethetho o motjha.
Kaybee, o buile sena ka mora ho fumana molaetsa hotswa ho emong wa batho ba utlwahetseng ba ka rata ho kopana le ho tswaka dipina tsa Kaybee.
Molaetsa ona, o ne o botsa Kaybee e bang o tla ba shapa ebang ka tswaka dipina tsa hae mme o ne o ngotswe ka puo ya isiZulu.
“Sawbona, bhuti Kabelo. Manginga dropa iRemix yeCharlotte uzongishaya?
“Dumela, abuti Kabelo. E bang nka ntsha remix ya pina ya Charlotte, o tla nshapa?”
Kaybee, o arabetse molaetseng ona ka bobebe le ho hlalosa ha bohle bana le tetla ya ho etsa jwalo.
“Ke batla hore bahlahisi bohle, ha kena bothata le ha le tswaka dipina tsa ka tse fitileng,” ho realo Kaybee.
“E bang e le sebeletsa ho fihlela seo le sehlokang, etsang ka moo le ka kgonang. Katleho le mahlononolo.”
Sebini sena, se kile sa hlahela ho marangrang ka teko ya ho tswaka e nngwe ya dipina tsa Ralf Gum mme sebini seo sa hana ho fana ka tetla pineng ya hae.
Kajeno Kaybee o feta dieteng tsa Ralf Gum mme yena o etsa se fapaneng o fana ka tetla ho mohlahisi hore a ikahele lebitso ka pina ya hae.
BALA HAPE:Â Black Coffee o e tsa boipiletso le kopo
