
Tshepo Moses o tla bapalla Terama ya Skeem Saam
Tshepo Mosese o Etsa Seboka sa Hae sa Pele se Lebeletsweng Haholo sa Skeem Saam.
Matsatsi a mmalwa a fetileng, Skeem Saam e ntse e sebeletsa bashebelli, ha ho letho haese tshwantshiso ea bohlokwahadi Sena sohle se leboha ho kgutla ha Mofumahali wa bophelo bo mobotjhobotjho, Rachel Kunutu, (Lesego Marakalla).
O kgutlile ho tswa ho balebedi, mme o se a bakile moferefere ka lapeng.
Ho bonahala eka Rachel o phela ka lehlakoreng le kotsi la bophelo e le mulete wa dithethefatsi.
Haufinyane tjena o ile a kgutlela Turf, a nkile dithethefatsi ka mpeng ha a qeta ho di kwenya.
Rachel o ile a ba le mathata a mang, empa ntate WA hae oa bobeli, Alfred Magongwa o ile a bitsa ngaka ho tla thusa.
Ho hlakile hore o sebetsana le batho ba kotsi, mme e mong aa bona ke Ghost.
Ghost e bapalwa ke setshwantshisi sa kgale, sebini le mohale wa TV Tshepo ‘Howza’ Mosese.
Ho bolelwa hore ke motho ya dikgathatso le ya kotsi.
Tshepo o tla hlaha jwalo ka motho ya tlo etsa moferefere ka hara Turfloop.
- BALA HAPE:Â http://Phelo Bala o bontsha tswelopele
Ruri Sepoko se tlo hlabolla Magongwa haholo, dikarolong tse tlang. Howza o qala papadi ya hae bosiung bona.
- Translator: Karabelo Molapo
