
Ntwa dipakeng tsa Nota le Dj Maphorisa e tswelapele
Setsibi sa mmino e bile e le motsamaisi wa dikgwebo tsa mmino (Music executive) Nota Baloyi, o ditabeng hapa ka ntwa le sebini se seng.
Nota, o hlaheletse ditabang ka mora hore a ngole leqhepheng la hae la X ka pina eo a bileng le seabo ho yona e kileng ya tuma kgale.
Nota o ne a ngotse ka pina ya Ngud e binwang ke Cassper Nyovest le Kwesta eo a bileng le seabo ho yona.
Pina eo, e ne e keteka dilemo tse 10 e tswile mme Nota o ne a keteka seo ha Dj Maphorisa, eo le yena a bileng le seabo pineng eo, a hlalositse ha Nota a mokoloto.
Maphorisa, ke emong wa batho ba bileng le seabo pineng ena e kileng ya nka Afrika Boroa ka setsokotsane dilemong tsa ho feta mme o tseka ha Nota a kolota tsebetso ya hae.
Le ha hole jwalo, Nota ha a tlohela Maphorisa ntle le ho ikarabela ka ho hlalosa ha yena a sa kolote letho.
Ntwa ya mantswe ya bobedi bona e tla ka nako eo bobedi ba bona boleng ditabeng jwalo ka ha Maphorisa a nkile qeto ya ho kgutlela mminong wa House ha Nota yena a le ditabeng ka ho nyenyefatsa mmele wa sebini.
BALA HAPE:Â Maikutlo a Sifiso le Nota ka Thatohatsi a baka ditaba
