
Nyewe kgahlano le Beauty and the Bester ya qhalwa
Lekgotla la dinyewe le phahameng le hlolwa ke ho thibela kgatiso ya Netflix ya ya bophelo ba Thabo Bester le Nandipha Magudumana ‘Beauty and the Bester’.
Lekgotla lene lenganga ka hore kgatiso ena e na le kgatikelo ya ditokelo tsa bobedi bona le hore e ka baka mathata le ho bontsha tse ding tsa dintho tse amanang le nyewe.
Netflix ka ho le leng, e ne e tsitlaletse hore kgatiso ya bona e molaong le hore e ke ke ya baka bothata nyeweng e ntseng e tswelapele ya Bester le Magudumana.
Netflix e hlalositse ha Magudumana a ile a kena selekaneng le ho dumela ha ditshwantsho tsa hae dika sebeditswa le ha mora lekgotla le ne le hlalosa ha a etse seo ka nako eo a neng a sena mmueli.
Lekgotla le qhadile nyewe ena le ho laela hore batho ba e hlahletseng ba lefe ditjeho tsa ho dula ha yona.
Tebello ke hore kgatiso ena e tla tswelapele ho Netflix jwalo ka ho ne ho rerilwe sethathong. Karolo ya pele ya dikgatiso tsena, e tla qala ho bonwa kajeno thapama ho Netflix.
BALA HAPE:Â Monna wa sethepu Mseleku o tshwaela qetong ya lekgotla
