
Oscar Mbo o seholla Chiefs hape
Motshehetsi ya moholo wa sehlopha sa Kaizer Chiefs e bile e le mohlahisi wa mmino Oscar Mbo, o ntshitse maikutlo a hae hape leqhepheng la hae la Instagram ka sehlopha.
Mbo ya sa pateng maikutlo a hae ka Chiefs, o bontshitse hose kgotsofale ka mora hore sehlopha se bapale maleka a 0 – 0 le Chippa United.
Mohlahisi enwa wa mmino, ha a qale ho bontsha ho kgena ha hae le ho romela molaetsa ho Chiefs ka tshebediso ya Instagram.
Pejana Mbo o ile a romela molaetsa le ho toba dibapadi tse sa bapalang hantle sehlopheng hore ba hlomphe sehlopha le batshehetse ka diqeto tsa bona ka lebaleng.
Lekgetlong lena mohlahisi enwa wa pina ya “Yes God” o rometse molaetsa ho botsamaisi ba sehlopha ka tletlebo ya hae.
Mbo, o batla sehlopha se fetole bokwetlisi ba sehlopha ka mora dipapadi tsa AFCON hobane a dumela ha moifo wa ha jwale e hloleha.
“Ke kopa le batle mokwetlisi ka mora AFCON, re kase be le dibapadi tse hlwahlwa tjena sehlopheng empa be disa sebetse,” ho realo Mbo.
“Sena ke kopo ya rona ya Christmas. Sehlopha sa rona seya kwatisa hao shebelletse. Diphetoho dietswa lata, ho kenywa le dibapadi tse fosahetseng. Re kopa le re mamele.”
BALA HAPE:Â Oscar Mbo o seholla dibapadi tsa Chiefs
