Seyalemoya sa Beezy FM se nka sedikadikwe ka setsokotsane 

Seyalemoya sa selehae sa Beezy FM se nka sedikadikwe sa diyalemoya ka setsokotsane se makatsang dikgwedi fela se thakgotswe.

Seyalemoya sena sa Qwaqwa se hasang ho marangrang (online) se thakgotswe ka kgwedi ya Hlakubele ke sebohodi sa mehleng sa Lesedi FM, Nkunyana Nkunyana ya tsebahalang ka lebitso la Skuzabel.

Mona Skuzabel o nkile batho banang le lerato le tsebo ya seyalemoya mme ba qala tshebetso.

Dikgwedi fela se thehilwe, seyalemoya sena se fumane botshehetsi bo makatsang mme ke se seng sa diyalemoya tsa ‘Online’ tse holang ka sekgahla se makatsang. Ha jwale ba dutse ho 139,000 ya bamamedi dikgwedi fela bale tshebetsong.

Sebohodi sa bona Mo Simela, o satswa hapa kgau ya ‘Best Online Presenter’ dikgaung tsa pele tsa Community Radio Awards.

Moketeng wa ho thakgola seyalemoya le ho fetola letswao le lepetjo, Skuzabell o hlalositse ha maikemisetso e le ho fumana ditokomane tsa kgwebo (commercial license).

“Maikemisetso le ho fumana mangolo a kgwebo. Ha jwale diyalemoya tse nang le mangolo a kgwebo kwano Free State dimmalwa mme re batla ho fetola seo le hona seyalemoya sa profense ka bophara,” ho realo Skuzabel.

Motsamaisi wa mehleng ya Lesedi FM Pula Pula Mothibi le motsamaisi wa mehleng wa Manager ho Lesedi FM Mohlalefi ‘Wire’ Khoali, e bile karolo ya mokete oo.

Skuzabel o entse boipiletso ho borakgwebo ba lehae ho tsetela le ho bapatsa le seyalemoya sa bona ho thusa kgolong.

 

BALA HAPE: Ba2cada o phatlalatsa lenaneo la Top 20 Countdown