Emtee o re a ke ke a robala hape

Ka mora ho baka ditaba dihana ho fela ka ho robala a le sethaleng, sebini sa mmino wa Rap le Hip Hop Emtee, o hlalositse a ke ke a robala hape.

Sebini sena se ile sa hlahella ditabeng ka mora ho robala a ntse a bina ka letsatsi la 16 Tshitwe mme sena se ile sa baka dipuo dihana ho fela.

Ba bang ba batho ba ile ba utlwisisa hore ke mokgathala empa ba bang ba seholla ketso ena ka hohale le ho nyatsa Emtee.

Matsatsi ka mora moo, Emtee o ile a ntsha molaetsa moo a kopang tshwarelo le ho hlalosa ha e bile mokgathala wa mafelo a selemo mme a ke ke a phetha seo.

Ka nako ena ya selemo, dibini tse ngata ditlelwa ke mokgathala jwalo ka ha sehla se fetohile le hoba le mekete e mengata ka nako e kgutswane.

Emtee, hase sebini sa pele hoba le bothata ka nako ena ya selemo jwalo ka ha Young Stunna, a ile a kgefutsa ka nako ya ho bina a re o phomotsa lentswe.

Pele ho emeng ya mekete ya mafelo a beke, Emtee o bonahetse a le betheng eo e kang ke ya bookelong bakeng sa ho fumana thuso ka mokgathala.

 

BALA HAPE: Emtee o ntsha maikutlo tabeng ya Mshini