SARS e mehlaleng ya mmakgwebo e mong

Mmakgwebo e bile e le mmamoratwa wa marangrang Mihlali Ndamase, o utlwahala a le ka lehlakoreng le lebe la SARS.

Ho tlalehwa ha mmamoratwa enwa wa batho a kolota SARS tjhelete e kalo ka R580 000 ya lekgetho (personal income tax).

Hoya ka masedinyana a fapaneng, Ndamase o fumane samane e mo kopsng ho lefa tjhelete ka kgwedi ya Phupu empa a iphapanyetsa seo.

Ka nako ya lengolo, Ndamase o ne a lokela ho lefa R490 000 mme ka lebaka la ho iketla, tjhelete eo e kentse tswala le hoba R580 000.

Ndamase ha e sale a le ditabeng ka mora ho reka mekotla e mmedi ya letsoho ballwang ho R1 Million ya Hermès Birkin.

Le ha ditlaleho dile tsa kuma ha Ndamase a tla phepetsa lengolo leo le tjhelete e ngotsweng moo, ha ho sobe le molwathatsa ho tswa ho Ndamase ho phepetsa lengolo leo.

SARS e tsoseditse ka hore e bang Ndamase a sa obamele melao le ho phetha ditaelo, qeto ya lekgotla ya ho nka thepa ya hae ho lefa mokitlane e tla e tswa.

 

BALA HAPE: SARS e tla rekisa jwala ba Shauwn Mkhize