
SARS e tshosetsa ka ho kgaola ditshebeletso tsa seyalemoya se tummeng
Setheo sa mmuso se sebetsang ka lekgetho SARS, se tshoseditse ka ho kgaolela seyalemoya se tummeng sa Afrika Boroa ditshebeletso.
Tshoso ya SARS, e tla ka mora diteko tsa nako e lelele ho seyalemoya sena ho lefa lekgetho la bona ka nako.
Hoya ka lehlokwana la tsela, Power FM, e kolota SARS tjhelete e fetang R3.5 million eo pejana e neng e le tlase ho moo mme ka lebaka la ho ema sebaka, tjhelete eo e tswetse pele ho nyolla.
Hoya ka lengolo le bonweng ke mohlodi wa rona o tshepahaleng, seyalemoya sena se sebeletswang ke setho sa mehleng sa parliament le EFF Mbuyiseni Ndlozi, se kolota SARS tjhelete ka mafapha a fapaneng ho akaretsa le UIF.
Le ha seyalemoya se sa ntsha maikutlo kapa ho tshwaela, motsamaisi wa seyalemoya sena o dumetse ha a tseba ka dikoloto tsena ho SARS mme ha tshwaela ho feta moo.
Ha jwale dipuisano ditswelapele dipakeng tsa seyalemoya sena le SARS ho fumana tharollo ya moshwellela phareleng ena.
BALA HAPE: SARS e mehlaleng ya mmakgwebo e mong
