Kaylow o ameha kotsing ya koloi hape

Sebini sa sa mmino wa maikutlo (soul le RnB) Kelello Segoana, o ameha kotsing engwe ya koloi a le tseleng e tswang tshebetsong (studio).

Segoana ya tsebahalang ka lebitso la Kaylow, o ne a le kotsing ya koloi selemo se fitileng ka kgwedi ya Lwetse mme o ne a ntse a fola ha a hlahelwa ke koduwa ena.

TY Hlongwane eo e leng moemedi wa Kaylow, o netefaditse le go hlalosa ha kotsi ena e etsahetse dihoreng tsa hoseng.

“Kaylow o ne a kganna a tswa studio ha engwe ya mabidi a koloi ya hae ya BMW etla phatloha. O hlotswe ke ho e laola mme ha jwale o bookelong,” ho realo Hlongwane.

Hlongwane o hlalositse ha koloi ya Kaylow e senyehile hampe le hore dintlha tse ding ditla latela ha nako e ntse e tsamaya.

Sebini sena sa pina tse jwalo ka Soul Cafe, 24 Hours le tse ding, o ne a ntse a fola hantle le ha a ne a hloka ho itshehetsa ha a tsamaya.

Kaylow o ntshitse pina ka mora ho kotsi ya pele “Good Morning” eo molaetsa wa yona e ne e le ho kgothatsa batho ba fitileng le ho feta mathateng.

Morao tjena sebini sena se satswa ntsha pina e hatisitsweng ka 2022 moo a nang le DJ Somebody “Respect”.

 

BALA HAPE: Monada le Mashabela ba etela Chymamusique bookelong