Tyla o tsibiswa jwalo ka sebini sa sehlooho

Sebini sa Afrika Boroa se tummeng matjhabatjhabeng Tyla, o tsibiswa jwalo ka sebini sa sehlooho moketeng wa AfroNation o tshwarelwang Portugal.

Sebini sena se iketseditseng lebitso mose ho mawatle, o tla kena lenaneng la dibini tse jwalo ka Asake, Wizkid moketeng ona o tlabe o shejowe ka mahlo a makgubedu.

Tyla ya tummeng ka pina ya ‘Water’ ke sebini sa Afrika Boroa se fihleletseng katleho ya mmino ka ho sebetsa le dibini tsa mose le ho roba direkoto tse leshongwana tsa mmino lefatsheng.

Boholo ba nako Tyla dula a le mafatsheng mme o satswa arolelana sethala le batho ba jwalo ka bo Cardi B, Alicia Keys le Beyonce.

Mohapi enwa wa Grammy, o tla arolelana sethala le Wizkid eo a kileng a sebetsa le yena pineng ya ‘We Wanna Party’ mme lekgetlong lena e tlaba bona dibini tsa sehlooho.

Mokete ona, o ntsitshe lenane le felletseng la dibini tse tla bina moketeng wa bona wa matsatsi a mararo.

Lenane lena, le akga dibini tse jwalo ka Mariah the Scientist, Niska, Olamide, Awilo Longomba, Bien, Darkoo, Denden, Djodje le Young Jonn.

Mokete ona o tla tswarelwa Praia da Rocha Beach in Portimão, The Algarve, ke mokete o tla matha matsatsi a mararo ho tloha ka la tharo Phupu ho isa ka la hlano (3 to 5 July 2026).

 

BALA HAPE: Tyla o saenne tumellwano ya ho sebetsa le Nike