
Scott’s Maphuma o araba se builweng ke Club Vague
O Batla ho Batla Sebaka sa Hao ka ho bua leshano ka lebitso la ka” Scotts Maphuma o araba se builweng ke Vogue Lounge.
Motsotso o mong o kopa tshwarelo, o latelang o ntse a bua.
Ha ho pelaelo hore Scotts Maphuma ke sebini se tjhesang sa Amapiano ka nako ena.
O na le balatedi ba bangata ebile ba matla.
Leha ho le jwalo, Scott’s ha a rate ho nka dinepe le ho ikopanya le balatedi jwalo.
Scotts o bile a leleka balatedi ba bang ba neng ba batla ditshwantsho le ena.
Leha sena se bonahala e le boikgohomoso, ka makgetlo a mangata o ile a boloka boemo ba hae, hore ha a ikutlwe a tlamehile ho nka dinepe le motshehetsi e mong le e mong.
Haufinyane Scotts o bile le puisano ho podcast ya L-Tido, moo a ileng a ema ka mantswe a hae.
O ile a pheha kgang ya hore, jwaloka motho ya tummeng, ha a ikutlwe a na le tokelo ebile ha a utlwisisi hore na ke hobaneng ha balateli ba bang ba itshwara jwalokaha eka ba teng.
Hape Scotts o itse ha a na katleho ya hae ho mang kapa mang, mme o moo a leng teng ka lebaka la hae eseng la motho e mong.
A bolela hore o fihlelletse Katleho ya Hao ka bo ena eseng ka thuso ya motho.
Ka mora podcast ba bangata ba ile ba tla bakeng sa hae.
Dintho di ile tsa mpefala le ho feta ha Scotss a sa etsetswe marata ke batho ketsahalong ya Cotton Fest.
Ha ho motho ya ileng a sisinyeha ha a fihla sethaleng, ho fihlela a tsamaya.
Kamorao ho moo Vogue Lounge, o ile ya hlakola Scotts moleng wa ketsahalo ya bona e tlang ho Tshwarwa.
- BALA HAPE:Â Mommy’s Club e kopanya dibapadi tsa yona
Setsi se ile sa etsa qeto ya ho ema le balateli ba tletlebang ka moetsi wa mmino.
- Translator: Karabelo Molapo
- Etswa ho:Â http://Youthvillage.co.za
