Tyla o tswelapele ho itshupa mafatsheng

Sebini sa Afrika Boroa Tyla, se tswelapele ho itshupa mafatsheng ka makgabane a hae a fapaneng.

Letswallwa lena la Johannesburg, Gauteng, le satswa phatlalatswa jwalo ka Glamour’s Women of the Year mme ke yena a dutseng leqhepheng le ka hodimo la Magazine wa bona.

Mohapi enwa wa kgau ya Grammy le tse ding tse ngata, ke yena fela mo’Afrika lenaneng la bathongwa ba selemong sena jwalo ka ha a ntse a tswelapele ho itshupa le ho siya nalane.

#GlamourWOTY e hlalositse Tyla jwalo ka motho ya hlahileng le ho holela ho etsa dikgolo le ho fetola maphelo.

Sebini sena se dilemo di 23, o satswa kgwathisa dibini tse jwalo ka Tems le Ayra Starr ba Nigeria, ka hoba sebini se mamelwang haholo lefatsheng sa mosadi se tswang Afrika.

Hona selemong sena, sebini sena sebile hara batho ba jwalo ka Beyonce, Alice Keys mme e tlaba e mong wa difahleho tsa mokete wa moaparo Portugal.

Pejana kgweding ya Mphalane, Tyla o ile a phatlalatswa e tlaba e mong wa ditho tsa sehlooho (headliner) mokete wa dieta o tla tswarelwa India (Indian Sneaker Festival) toropong ya Mumbai ka kgwedi ya Tshitwe.

 

BALA HAPE: Tyla o tsibiswa jwalo ka sebini sa sehlooho