Naledi Aphiwe o netefaditse hore dikamano tsa hae le Mawelele di fedile

Naledi Aphiwe o netefaditse hore kamano ya hae le sebini mmoho le yena Mawelele e fedile semmuso.

Sebini se hapileng dikgau se ile sa bua ka taba ena puisanong ya morao tjena ho Metro FM, moo a ileng a hlakisa hore lerato la bona e ne e le la nnete, e seng taba ya phatlalatso.

Puisano, e phatlaladitsweng ka Labone la la 12 Phuptjane, e ile ya hapa maikutlo ka potlako ka mora hore Metro FM e arolelane sekhetjhana ho Instagram.

Ditaba tsa karohano di tla nakwana kamora hore Mawelele a fane ka maikutlo a hore haufinyane o tla bua ka lehlakore la hae, a siya balatedi ba arohane ba labalabela ho tseba hore na ehlile ho etsahetse eng.

Ho sa tsotellehe masisa-pelo, Aphiwe o hlahile a iketlile a bile a tsepamisitse maikutlo, a ikopanya le @lilyfaith.official lenaneong ho ntshetsa pele pina ta bona e ntjha ya “Waiting for You” e nang le rapper Blxckie.

Tshehetso e ile ea tshelwa bakeng sa Aphiwe ho pholletsa le metjha ya ditaba ya setjhaba, ka balatedi ba bangata ba pota-potile naledi e nyenyane nakong ya tlokotsi ya hae.

Naledi Aphiwe o ile a qetella ka hore Yena le Mawelele ha se dira, empa fela ba nkile Qeto ya ho arohana.

  • Translator: Karabelo Molapo