
Prince Kaybee o re Maphorisa ha tsebe moo a emeng
Maikutlo a tswelapele ho fapana ka mora hore Dj Maphorisa a hlalose ha a tla fetola mawa le ho shebana le mmino wa Afro House.
Maphorisa eo a bileng teng sedikadikweng sa mmino le pele ho mmino wa Amapiano, ke e mong wa batho ba bapetseng karolo e kgolo ho hodiseng mmino ona le ho tumisa lefatshe.
Mahlahisi e nwa ya hlwahlwa wa mmino, o tsebahetse ka mmino wa Afro ka nako eo e neng e le setho sa sehlopha sa Uhuru le ho ntsha dipina tse jwalo ka Y-Tjukuja le Thath’isgbhu.
Le ha hole jwalo, Maphorisa o ile a fetola mawa le ho kena mminong wa Amapiano moo a tsebahetseng le ho tuma ho feta pele moo a sebeditseng le Kabza de Small.
Qeto ya Maphorisa ya ho fetola mawa, e amohetswe ka maikutlo a fapaneng jwalo ka ha batho ba jwalo ka Oskido ba bonahetse ba thabetse sena empa batho ba bang ba bile le maikutlo a fapaneng.
E mong wa batho ba bileng le maikutlo a fapaneng ke Prince Kaybee ya bitsitseng Maphorisa ka motho ya sa tsebeng moo a emeng.
Kaybee o entse motlae wa hore Maphorisa a ka fetohela ka mminong wa Reggae e bang e kaba ona o tumang ka ha a dula a fetohela mefuta ya mmino eo a etsang.
BALA HAPE:Â Kabza o hlalosa ka moo a kopaneng le Maphorisa
