
Scotts Maphuma o kopa tshwarelo ho batho ba Mozambique
Scotts Maphuma, ya tsejwang ka lebitso la Mpho Lebajoa, o kopile tshwarelo ka ho lahlehelwa ke mokete wa letsatsi la bana la “Lizha só festas” Matola, Mozambique, moo a neng a reretswe ho ba sehlooho sa ditaba.
Scotts o boletse hore ena le sehlopha sa hae ba hlotswe sefofane ka lebaka la boitlamo ba mosebetsi, leha ba leka ka matla ho fihla ka nako.
Scotts o ile a tshwarwa ke ba boholong naheng ya Mozambique mafelong a beke yaba hamorao a tshwara seboka sa boraditaba ho kopa tshwarelo ho balatedi le bahlophisi ba diketsahalo.
O ne a lemoha bohlokwa ba mokete wa bana mme o nka boikarabelo ba ho se be teng hwa hahae a bolela hore ha e sa tla e hlola e etsahala.
Bosio ba Maphuma bo ile ba tsosa kgalefo hara balatedi le batswadi, ba bang ba ne ba nahana hore o ne a kgelohile ho ya moketeng wa borena.
Ha a kopa tshwarelo, Maphuma o hateletse hore o nka maikarabelo a tsohle.
O ile a tiisetsa balatedi hore o ananela botumo ba hae le kamano ya hae le bona.
- BALA HAPE:Sehopotso sa Lehlohonolo Ledwaba
Ketsahalo ena e hlahisitse matshwenyeho mabapi le ditsebo tsa ditsebi le boitlamo ba bona ho ditshwantsho tse rerilweng.
- Translator: Karabelo Molapo
