Cindy Makhathini o latola hore o ne a tawe

Mmamoratwa wa marangrang Cindy Makhathini Tango o latotse bosehla hore o ne a tawe ha koloi ya hae e tla thula.

Koloi ya Makhathini e ile ya thula moo ho tshelwang mafura (Sasol Garage) matsatsi a fitileng ha Makhathini a tswa lenyalong.

Basebedisi ba marangrang, baile ba lepa ha Makhathini a ne a tawe ha a tla thula le ho hlalosa ha koloi ya hae e le moetso o kgona ho ikemisa ka bo ona e bang lebanta le sa tlangwa.

Makhathini o ile a ikarabela ka hore koloi e thutse le ha ho se motho ya lemetseng mme koloi yona e ngwapeile hanyane mona le mane.

Leqhepheng la hae la Instagram, Makhathini o ile a hlalosa ha a ne a sa tawa le hore bane ba tsamaya le ngwana mme batswa hole.

O tswelapele ho hlalosa ha mokgani e mong e bile motho ya nang le botho ka ha a sa ka a halefa le ho bua le bona hantle.

Makhathini o hlalositse ha a sa kgathatseha ka koloi ka ha e ntse e tsamaya empa a kgathatsehile ka tshenyo e moo ho tshelwang mafura le ho hlalosa ha a sebedisana le bohle bothateng boo.

 

BALA HAPE: Ama Qamata o kgaba moketeng wa L’Oréal