Chris Brown o llelwa ke ditshepe

Sebini sa naha ya America sa R&B se tla fetwa ke bonyane dipontsho tse tharo tsa leeto la hae la lefatshe la Breezy Bowl le lebelletsweng ka tjantjello, le reretsweng ho etsahala ka Phuptjane selemong sena.

Sena se tla kamora hore sebini se hanelwe ka beile kamora tlhaselo ya hae e sehloho ho mohlahisi wa mmino Abraham Diaw setsing sa bosiu sa Tape London ka 2023.

Breezy, jwalo ka ha a tsejwa ka lerato, o sa tswa kgutlela Engelane pele ho papadi ya hae, e reretsweng ho etsahala kgweding e tlang.

Nakwana ka mora hore a fihle, o ile a tshwarwa ke mapolesa a Manchester bakeng sa ketsahalo eo ho thoeng ke yona.

Sengodilweng sa UK sa Sky News se senola hore ntate wa bana ba bararo o sa tswa hlaha lekgotleng la Manchester, moo a ileng a hanelwa ka beile ka mora hore motjhotjhisi Hannah Nicholls a re Chris o entse “tlhaselo e sa tsitsang ka sebetsa ka hara nightclub e tletseng batho.”

O ile a boela a totobatsa hore o ile a otla Monghadi Diaw ka botlolo ka makgetlo a mangata pele a mo lelekisa yaba o tswela pele ho mo raha le ho mo otla ka ditebele.

Ketsahalo ena e ile ya tshwarwa ditheiping tsa CCTV.

Ka mora ho utlwa tlaleho ena ya ketsahalo ena, ho tlalehwa hore Moahlodi wa Setereke Joanne Hirst o ile a fetisetsa nyewe Lekgotleng la London la Southwark Crown, a totobatsa hore e tebile haholo bakeng sa lekgotla la hae.

Kamora ho hanelwa ka beile, Chris o se a tla hlaha ka lekgotleng ka la 13 Phuptjane moo a tla hlaha bakeng sa boipiletso le boitokisetso ba nyewe.

Sena se tla mo bona a hlolohelwa mananeo Amsterdam, Hamsburg le Frankfurt – tseo kaofela di seng di phatlaladitswe e le tse rekisitsweng.