
Londie o kgutlela setulong sa hae ka ho roba rekoto ho RHOD
Londie London o kgutlile mme o bohale ho feta pele.
Kamora karolo e chesang ya kopano(reunion), The Real Housewives of Durban e bile lenaneo le shebellwang haholo ho Showmax ka 2025, le feta The Mommy Club. Tsena tsohle di e tsahetse ka lebaka laLondie London.
O kgethilwe dihlopheng tse tharo tsa Simon Mabhunu Sabela Award, sebini le mmadikgwebo sena se hlahella ele naledi e hapileng dipelo tsa batho ka boikokobetso, matla le kgolo yahae.
“Ho kgutlela RHOD e bile ntho e kgotsofatsang haholo” a bolella Katlego Molubi.
“E, ho ne ho e na le mathatha, empa a ntiisitse”.
Kgohlano yahae le Minnie Ntuli e ile ya tsosa mofutu mecheng ya ditaba tsa secha, empa o ile a dula a kgutsitse le ha ho le jwalo.
“Ha ke ya ka ka itumella ho wa, ke mme, ke moradi, ke mmadikgwebo.”
Le ha Minnie a ile a mo kopa tshwarelo ka boinotshing, Londie ha a kgolisehe.
“Ke ile ka hlajwa sechabeng, empa ke ha ke fumane tshwarelo mahlong a sechaba. Taba kgolo ke ho nka boikarabello.”
Le ha ho bile le terama, o a leboha. “Selemo sena se nthusitse ho bona matla a ka.
“Ke matla ho mamella. Ha tshoswe ke lerata.”
Ha balatedi Sorisha Naidoo, ba mo bitsa hore atle reunioneng , Londie o amohetse mme aka rata ho hlaha hape lenanehong Nakong e tlang.
“Ha se lenaneho fela ke setswalle sa basadi”
Ntle ho reality TV, o shebile ho aha lapa lahae a hodise le bana bahae.
“Lerato leo ke le fumaneng le feteletse haholo,” a rialo. “Ke kgutlile ke le matla mme ena ke qalo fela.”
