Nonku o tlohela Real Housewifes of Durban

Nonku Williams, naledi ya nnete ya TV ebile e le rakgwebo, o tlohela ho Real Housewives of Durban (RHOD), e leng se bolelang pheletso ya kgaolo ya bohlokwa bophelong ba hae.

Ha a bua ka ditlamorao tse mpe tsa moya o tjhefo wa lenaneo bophelong ba hae ba kelello le bophelo bo botle ka kakaretso.

Nonku o ngotse posong e tswang botebong ba pelo ya ditaba tsa setjhaba ka Sontaha hore o nkile qeto ya ho tlohela kopano le lenaneo.

O ile a nahana ka leeto la hae ka botshepehi, a re: “Ka mora ho nahanisisa haholo, ke entse qeto e boima ya ho se kgutlele lenaneong le ho ikarola kopanong. Ha se kgetho e bonolo, empa ke yona eo ke tlamehang ho e etsa.

“Mosadi eo ke mo bonang ha se motho eo ke mo tsebang kapa eo ke mo hlomphang.”

O boetse a dumela karolo ya hae tshwantshisong ya lenaneo, empa a qotsa matla a maholo e le lebaka le leholo la ho tloha.

O ile a ngola a re: “Ke nkile karolo ho bopeng pale ena, empa hape ke sehlahiswa sa matla a lenaneo,” a hlalosa ho lelekisa terama, tlhodisano, lesebo le ho nyenyefatsa e le “mokoloho o tjhefo” o mo kgathaditseng.

Ha a sheba bokamoso, Nonku o ikemiseditse ho tsepamisa maikutlo litlamong tsa hae setjhabeng sa habo, tumelong ya hae, bana ba hae le ho ena.

  • Translator: Karabelo Molapo