Dibapadi tsa ditshwantshiso tse tsebahanang ke karolo ya Pimville

Dibapadi tsa ditshwantshiso tsa mabitso a tsebahalang, ke karolo ya papadi ya Pimville e tla qala selemo se tlang ho kwala sekgeo sa Muvhango.

Pimville, ke papadi ya telenovela e tla bapala kanaleng ya SABC 2 ho kwala sekgeo sa Muvhango ka mora hore o fihle pheletsong.

Pale ena, e sentse e le melomong ya batho ka mora hore ho tsebahatswe ba bang ba dipapadi tse tsa bonwa ho yona.

Gail Mabalane le Thapelo Mokoena, ke ba bang ba dibapadi tsa sehlooho tse tla bonwa ho Pimville. Bobedi bona ke dibapadi tsa mehleng tsa Blood and Water eo le yona e ileng ya ratwa haholo.

Mekaubere sedikadikweng sa bonono le boithabiso Lillian Dube, Clementine Mosimane le Charmaine Mtinta le bona ke tse ding tsa dikgalala tse tla bonwa ho Pimville.

Pimville ya bohlahisi ba Bakwena Productions, e lebelletswe hotla ka sefutho le lehlakore le hlamatsehang jwalo ka ha e tla kgwala sekgeo sa pale e mathileng dilemo le ho fitisa melaetsa le dithuto tse matla.

Pale ena e lebelletswe karolong ya bobedi ya selemo mme kgwedi le letsatsi leo e tla qala ka yona, ke hona ditla phatlalatswa.

 

BALA HAPE: SABC e tsibisitse pale e tla kena sekgeong sa Muvhango