Mma botle wa lefatshe

Zozibini “Zozi” ya hlahileng ka la 18 Mphalane, eastern cape ke e mong wa di bapadi tsa terama, bo mmabotle ba naha ya afrika Borwa. Zozibini o ile a eba mma botle wa lefatshe ka 2019, empa pele ho moo e ne ele mma botle wa naha ya Afrika Borwa hona selemong sona seo.

Zozibini ke mosadi wa boraro ka hara naha ya Afrika Borwa wa hore a une bo mmabotle ba lefatshe. Ka ho makatsa, mmabotle wa mehleng Zozi, o hlahisitse hore o se a e phumanetse molekane. Tsena kaofela di ile tsa bonwa marangrang a di kgokahano moo teng a ile a maneha senepe sa hae tsa lenyalo, Hona ho ile ha makatsa balatedi bah ae haholo. Zozi dinepeng tseo tsa hae tseo aneng a di manehile o ne a ngotse “22/03/2025 Keo rata sesafeleng mohatsaka” Ka hare ho batho ba neng ba le lenyalong, ho ne hon a le Anele Mdoda ha mmoho le Connie Ferguson.

Mdoda o ile a tlatsa hodima seo Zozi a se ngotseng marangrang mme yena are “Ene ele letsatsi le monate, one o le makoti ya motle” Ka mora hore balatedi ba hae ba bone dintho tsena kaofela, ba ile ba mo lebohisa haholo. Ho boetse hwa hlahella hore Zozibini le Molekane wa hae Luthado bat la keteka lenyalo la bona la setso mafelong a beke ka ketekela Tsolo Eastern Cape.

Translater: Karabelo Molapo