
Ntsiki Mazwai o hana hore ho Voutelwe Ziile
Seroki sa dithothokiso sa Afrika Borwa Ntsiki Mazwai se tsositse dikgang hape, lekhetlong lena ka ho kgothaletsa maAforika Borwa ho hana ka tieo merero ea Helen Zille ya ho tseka bo-ramotse wa Johannesburg.
Ha a tsebahala ka maikutlo a hae a tobileng, Mazwai ha a ka a nyenyefatsa mantswe a hae ha a bua ka moetapele wa mehleng wa Democratic Alliance (DA), a re monna ya lilemo di 74 ke “moetapele wa makgoa” mme a tiisa hore boetapele ba hae bo tla ba kotsi ho toropo le baahi ba yona ba bangata ba batsho.
Tlalehong e phatlaladitsweng ho X, Ntsiki o ile a bontsha ho tshwenyeha ha hae ka ditabatabelo tsa Zille tsa ho “pholosa” toropo eo a e bitsang hae, a re: “Re ke ke ra kgona ho etsa Helen Zille e le ramotse wa Joburg.
O mpe ka makgetlo a dimilione tse 100 ho feta Cyril Ramaphosa.” Mazwai o totobaditse tumelo ya hae ya hore mokgwa wa boetapele wa Zille o tla tlisa maemo a “hloriso” a tshwanang le a bonweng Kapa Bophirima, moo Zille a kileng a busa teng, a tiisa, “O batla ho tlisa seo Joburg.”
Ha a ntse a tswela pele ka tlhaselo ya hae ho Zille, Mazwai o phatlaladitse hore ho voutela moetapele wa mehleng wa DA e tla ba “phoso e kholo le e tshosang” e ka amang bongata ba batho ba batsho Johannesburg hampe.
A tswela pele ho bua ka ramotse wa hajwale, Dada Morero, a re leha e se kgetho e ntle, “Mang kapa mang o betere ho feta Dada.”
Ha Mazwai a ntse a buella ho hanwa boemedi ba Zille, ho hlahile mantswe a mang ho tshehetsa taba eo.
BALA HAPE:Â Lebohang Msiza o kgutlela ho Scandal
Sebapadi Siv Ngesi o ile a qabola ka hore leha a ne a hloile Zille, boiphihlelo ba hae le boetapele ba hae bo ka thusa Johannesburg, eo a e hlalositseng e le “pherekano e kgolo.”
- Translator: Karabelo Molapo
