McKenzie o ntse a le ditabeng

Letona la Dipapadi, Bonono le Setso, Gayton o ntse a le ditabeng ho latela tsheholo ya Open Chats.

McKenzie o ne a seola Open Chats ka kgatiso eo a neng a re ena le kgatello ya merabe ya batho ba mmala.

Ka mora ho hlalosa ha a tla nka mehato, McKenzie o sehollotswe ke ba bang ba baahi ka hore o ile a potlakela ho arabela kgatisong eo.

Ha jwale McKenzie o sehollwa ka melaetsa ya hae ya kgale leqhepeng la X e neng e tsejwa ka Twitter.

Maikutlo a na a bontsha tshebediso ya lentswe la “K” moo McKenzie a ne a lesebedisa le ho ntsha maikutlo a hae dilemo tse ngata tse fitileng.

McKenzie o latotse tsena tsohle le hore sena ke morekaoke fela wa ho motlosa setulong. O tswetse pele ka hore e meng ya melalatsa ha se ya hae, ke teko tsa ho mosenya lebitso.

“Karolo ya leloko la ka ke batho ba batsho, nka sebe o le kgethollo. Mashaba le Malema ba batla madi a ka empa ba ka se a fumane,” ho realo McKenzie.

McKenzie o re o tswetswe ke mme wa mosotho, nkgono wa le Irish, ntatamoholo wa mo’Japan mme sena sehlalosa lebaka le etsang hore e sebe motho ya kgethollang.

Mekgatlo e jwalo ka EFF le DA e se e hlalositse ha mehato e lokela ho nkwa kgahlano le McKenzie.

 

Translator: Kabelo Lehasa

BALA HAPE: McKenzie o hlapanya ho nka mehato ya molao