
Lebohang Morake ore o se a batla molekani e mong
Lebohang Morake, ya tsebahalang ka “Lebo M”, mohlahisi le sebini se tsebahalang, o fa lerato monyetla o mong hape.
Lebohang ya tsebahalang jwalo ka mohlahisi wa Lion King o kena lenyalong le Mel Ntsala, Lebohang o nkile Qeto ya hore a fe lerato monyetla hape ka mora ho hlolana la balekani ba hae.
Haufinyane tjena lebohango ile a lebeletsana le Malefu “Mel” Ntsala, mme o kene Instagram ho arolelana ditaba tse monate.
Lena e tla be e le letjhato la bohlano la Lebohang le mosadi wa boraro, leha a ne a nyetse mme a lebeleditswe makgetlo a mangata nakong e fetileng.
Leha a na le nalane e thata ya lerato, Lebohang o na le tshepo ka bokamoso ba hae le Mel.
“Letsatsi leo re kgaotsang ho dumela ho lerato le menyetla ke letsatsi leo re kgaotsang ho lora,” o ile a ngola lengolo la hae.
- BALA HAPE:Â Maphumulo o bua ka Mmino wa Sarafina
O leboha hore ebe o fumane “toro ya hae e phethahetse” mme o lebelletse ho qala kgaolo ena e ntjha le Mel.
Ka boitlamo bona, Lebohang o boetse o khetha ho lumela leratong le menyetla ea lona.
- Translator: Karabelo Molapo
