Thuli Phongolo o kgutlela ho Generation.

Ka mora dilemo tse supileng Thuli Phongolo a tswile ho Generation, o a kgutlela hape.

Thuli Phongolo bathi ba bangata ba motseba ka Namhla Diale Mme ha ba bang bona ba motseba le  Lebitso la hae la mminong e eleng 2faced.

Thuli o ile a Tlohela Generation ka lebaka la Hore o ne a batla ho batlana le menyetla e meng e metjha Mme ha jwale e se e le motho ya letsang mmino.

Thuli o kgutlela ho Generation e ntse e le Namhla Diale, mme o lebelletswe ho hlaha ho Generation ka la 25 mmesa.

Thuli o ile a bua hore o thabile haholo haele Mona a kgutlela ho Generation Mme ho utlwahala e ka o kgutlela hae, o thabile haholo haele Mona a Tlo kopana le basebetsi mmoho ba hae.

Mme sebapadi se tsebahalang ka nosipho o a tswa ho Generation Mme ho lebelletswe hore ka la 24 Mmesa o tlabe a se a tswile ebe ka di 25 Mme ho tla kena Thuli Phongolo.

  • Translator: Karabelo Molapo
  • Source: News24