Mathata a sebini sa lekompo Katlego Chauke a hlwa mekwalaba 

Mathata a sebini sa mmino wa lekompo Katlego Chauke ya tsebahalang ka lebitso la Shebe Mabena, a ntse a hlwa manolo hodimo.

Sebini sena se ditlamong ka diqoso tse fetang hlano tse akgang teko ya polao le ho otla ka maikemisetso, setla qeta matsatsi a phomolo ntlwana tshwana ka mora hore kopo ya bail e tjhetjhiseditswe kgweding ya Pherekgong.

Qeto ena ya ho tjhetjhisetswa morao ha kopo ya bail ya Chauke, e mobeha ka mosing jwalo ka ha matsatsi a phomolo le mekete e le mengata.

Chauke ke se seng sa dibini tse neng dile lenaneng la ho thabisa letshwele matsatsing a na phomolo mme tsohle ditla fetola lehlakoreng la hae.

Shebe o ne a lokela ho bina meketeng e fetang 40 matsatsing ana a phomolo le ho thabisa letshwele.

Ba bang bahlophisi ba mekete, bane ba se ba lefile sibini sena tjhelete ho thabisa letshwele mme tjhelete eo e tla lokela ho kgutlela morao.

Sebini sena setla lokela ho lefa tjhelete e kalo ka R2 million ho bahlophisi ba mekete bandng ba se ba lifile.

Nyewe ya kopo ya bail e tla dula selemo se tlang ka la 19 Pherekgong. Sebini sena setla qeta matsatsi a phomolo sele ntlwana lefifi.

 

BALA HAPE: