Lebo Sekgobela o senola lebaka la Lebitso la Alebamo ya “Kept by Grace”

Lebo Sekgobela e leng Sebini sa mmino wa Evangedi o arolelane leeto le tebileng la albamo ya hae ya morao-rao, Kept By Grace, puisanong le The Times ya Eswatini.

Seo se qadileng e le morero wa takatso e matla e ile ya e-ba pontsho e matla ya tumelo ya hae, mamello, le phodiso.

Lebo Sekgobela o hlalositse hore sehlooho sa albamo ha sea kgethwa habobebe.

Ke ile ka qetella ke letsetsa albamo ya Kept By Grace hobane ke ne ke se sebakeng se setle sa ho rekota, Ho rialo Lebo.

Mantswe a hae a senola botshepehi bo sa tsitsang—ho ikemisetsa ho tobana le dipelaelo le pherekano ho e-na le ho di pata.

Botshepehi boo ba maikutlo bo ile ba etsa hore albamo e fete pokello ya dipina feela.

Alebamo ena e bonahala jwalo ka ntwa ya Moya le tlholo, Ha mmoho le ho imelwa.

Lebo Sekgobela o ile a senola hore o ile a tobana le mathata a maholo a bophelo pele a kena setudiong.

Diteko tsena di ile tsa etsa hore pina ya hae e potlake le ho teba, mme Kept By Grace e be bopaki ba ho hlōla mathata a mmele le a moya.

Ha a bua ka boiphihlelo ba hae ba matjhabeng, Lebo o hlalotse ka mokgwa ona, “Pele ke e-tla Eswatini, ke ne ke le UK moo re neng re bina le dibini tse ding tsa Afrika Borwa. Ba ne ba re dumella ho bina ka puo ya habo rōna… Kamohelo ya mmino wa rōna e ne e le monate mme re ile ra ikutlwa re le motlotlo ho ba karolo ya mokgatlo o jwalo.”

Bokgoni ba hae ba ho ama batho ba lefatshe lohle—esita le ha a bina ka dipuo tsa habo bona—o ile a bua le matla a Kosepele lefatsheng ka bophara.

  • TRANSLATOR: Karabelo Molapo